Operation Manual

25
SESOTHO
Se bolelwang ke moqomo o nang le mabidi o kentsweng letshwao la sekere:
O se lahle disebediswa tsa motlakase ka hobane dintho tse sa arolwang tse lahlelwang
sebakeng sa masepala, di sebedisa dibaka tse fapaneng tsa ho arola dintho tse
lahluwang tse bokellwang. Iteanye le sebaka sa heno sa mmuso bakeng sa
tlhahisoleseing e mabapi le ditaba tsa pokello ya dintho tse jwalo tse fumanehang.
Haeba disebediswa tsa motlakase di lahlelwa sebakeng sa tahlelo ya dithole, metswako
e kotsi e tswa qhitsa ho kena metsing a ka tlase le ho fetela dijong, ho beha kotsing bophelo bo botle.
Ha ho fanwa ka disebediswa tse ntjha sebakeng sa disebediswa tsa kgale, morekisi ho
ya ka molao o tshwanetse ho nka disebediswa tsa kgale bakeng sa ho di lahla ntle le ho o lefisa.
Sesebediswa sena ha se a rerelwa hore se sebediswe ke batho (ho kenyeletswa le bana) ba nang le
dikgolofalo mmeleng, methapong ya kutlo kapa kelellong, kapa ba se nang tsebo ya sesebediswa,
ntle le haeba batho bana ba behilwe leihlo kapa ba fuwe ditaelo mabapi le tshebediso ya sesebediswa
sena ke motho ya ikarabellang bakeng sa polokeho ya bona. Bana ba tshwanetse ho bewa leihlo ho
etsa bonnete ba hore ha ba bapale ka sesebediswa sena.