Operation Manual
24
KA KOPO KENYA BOPAKI/RASITI YA HORE O REKILE MOTJHINI ONA HAEBA HO HLOKEHA
HORE O ETSE TLELEIMI TLASA TIISETSO (WARRANTY)
SESOTHO
1. Home of Living Brands (Pty) Ltd (“Home of Living Brands”) e fana ka tiisetso ho moreki wa pele wa sehlahiswa sena (“moreki”) hore sehlahiswa sena ha se na
moo se senyehileng mme ke sa boleng bo botle le mosebetsi o tswileng matsoho e leng se ka bonwang tlasa tshebediso e tlwaelehileng ya motho, lelapa le ka
morero nakong ya selemo se le 1 (seng) ho tloha letsatsing la ho reka sehlahiswa sena (“nako ya tiisetso”).
2. Ha moreki a rekile sehlahiswa sena mme sa robeha, kapa se na le moo se senyehileng, kapa se sa sebetse hantle kamoo se lokelang ho sebetsa ka teng, moreki
o tshwanetse ho tsebisa batho ba mo rekiseditseng sehlahiswa sena (“mofani”) nakong ya tiisetso (warranty). Tleleimi efe kapa efe e tshwanetse ho tshehetswa
ka bopaki ba hore o rekile sehlahiswa sena. Haeba ho se na bopaki ba ho reka sehlahiswa sena, kahoo moreki a ka ikarabella bakeng sa ho lefa mofani wa
sehlahiswa ditjeho tsa ho lokisa sehlahiswa sena.
3. Sehlahiswa se sa sebetseng hantle se tshwanetse ho iswa setsing sa ditshebeletso sa mofani wa sehlahiswa e le hore ho sebediswe tiisetso ya sehlahiswa.
4. Mofani wa sehlahiswa o tla o kgutlisetsa tjhelete, o tla lokisa kapa ho fana ka sehlahiswa se seng boemong ba sona ka ho ya ka melawana ya tiisetso. Tiisetso
ena e tla sebetsa feela haeba moreki a sa ka a roba sehlahiswa ka boyena, kapa a sa ka a sebedisa sehlahiswa bakeng sa morero oo se sa etsetswang ona.
Tiisetso ena ha e kenyeletse mme e ke ke ya nkuwa e kenyeletsa ho sireletsa dihlahiswa dikotsing, tshebedisong e mpe, ho kena-kenana le sehlahiswa, kapa
haeba se fetolwa ka tsela efe kapa efe e sa dumellwang kapa ho lokisa sehlahiswa ho sa dumellwang.
5. Tiisetso ena e tla ba feela bakeng sa sehlahiswa se fanwang ke letsatsi la thekiso mme e seng bakeng sa dintho dife kapa dife tse ileng tsa kenyeletswa kapa ho
tlatseletswa ke moreki.
6. Ha moreki a kopa hore mofani wa sehlahiswa a lokise sehlahiswa mme sehlahiswa se robeha kapa se hloleha ho sebetsa hantle nakong ya dikgwedi tse 3 (tharo)
tsa tokiso e jwalo mme e se ka lebaka la ho sebediswa hampe ke moreki, ho kena-kenana le sehlahiswa kapa ho se fetola, lebakeng leo mofani wa sehlahiswa o
tla fana ka sehlahiswa se seng sebakeng sa sehlahiswa sena kapa o tla kgutlisetsa moreki tjhelete ya hae.
7. Moreki a ka ikarabella bakeng sa ditjeho tse itseng moo dihlahiswa tse kgutliswang di sa kengwang mabokoseng ao di rekilweng ka ona, kapa haeba mabokose
a tabohile. Tjeho tsena di tla ntshuwa tjheleteng e kgutlisetswang moreki.
HOME OF LIVING BRANDS (PTY) LTD (JOHANNESBURG)
JOHANNESBURG NOMORO YA MOHALA (011) 490-9600
CAPE TOWN NOMORO YA MOHALA (021) 552-5161
DURBAN NOMORO YA MOHALA (031) 792-6000
www.homeoflivingbrands.co.za
RASITI ENA E LOKELWA HO HLAHISWA
TIISETSO