Operation Manual
3
Temoso
1. Menwana ya hao e be hole le dikarolo tsohle tse tsamayang tsa sesebediswa. O be hlokolotsi ka ho kgethehileng haufi le nalete ya motjhini.
2. Ka dinako tsohle o sebedise pleite e nepahetseng ya nalete. Pleiti e fosahetseng e ka roba nalete.
3. O se sebedise dinalete tse kobehileng.
4. O se hule kapa ho sutumetsa lesela nakong eo motjhini o etsang dititjhi (meroko). Sena se ka foposa nalete mme e ka robeha.
5. Tima motjhini wa ho roka ("O") ha o etsa diphetoho kapa ditokiso dife kapa dife sebakeng sa nalete, jwaloka ho kenya gareng naletedng, ho fetola
nalete, ho kenya gareng hara lebidi la gareng, kapa ho fetola presser foot, jl.
6. Ka dinako tsohle o tlose kgwele ya motlakase ya motjhini o rokang polakeng ya motlakase ha o tlosa dikwahelo, o tshela oli motjhing, kapa ha o
etsa ditokiso dife kapa dife motjhining tse boletsweng bukaneng ya ditaelo.
7. Le ka mohla o se sebedise motjhini bokahodimong bo bonolo jwaloka hodimo bethe kapa sofa moo masobana a moya a ka kwalehang.
Boloka Ditaelo Tsena
Re a o lebohisa ka ho reka Empisal Sewing Machine ya rona. Karolo ka nngwe ya ona e entswe ka sepheo sa ho etsa bonnete ba hore e bolokehile
mme hape e a tshepahala. Pele o sebedisa sebediswa sena kgetlo la pele, ka kopo bala bukana ya ditaelo ka hloko le ho e boloka bakeng sa ho e
sheba hape nakong e tlang.
Dikarolo tsa motjhini di kenyeletsa:
• Lebidi la gareng la ka pele
• Switjhi ya On/Off
• Boemo ba nalete ka letsohong le letshehadi le bohareng
• Disititjhi tse 18
• Lesobana la konopo le mehato e 4
• Selaodi sa bophara ba sititjhi
• Bopharo bo boholo haholo ba sititjhi ba 4.5mm
• Sekwahelo se bonolo
• Bolelele bo boholo haholo ba sititjhi ba 4.5mm
• Sititjhi se kgutlelang morao
• Nalete e habedi
• Letsoho le ikemetseng
• Setshwaro
• Waendara ya lebidi la gareng
• Sehatisi sa ho tshwara le ho lokolla
• Drop feed
• Ho rokella dikonopo
• Leoto la zipi
SESOTHO