Operation Manual
2
Ditaelo Tsa Bohlokwa Tsa Polokeho
Ha o sebedisa sebediswa sa motlakase. Ka mehla o lokela ho latela tlhokomelo ya motheo mabapi le polokeho, ho kenyeletswa le ho latelang:
Bala ditaelo kaofela pele ho tshebediso (ya sesebediswa sena).
OTSI-Ho fokotsa kotsi ya ho otlwa ke motlakase:
Sesebediswa ha se a tshwanela hore le ka mohla se tlohellwe se se na motho ya se hlokometseng nako eo se kentsweng polakeng ya motlakase.
Ka mehla ntsha sesebediswa sena polakeng ya motlakase kapele ka mora ho se sebedisa le pele o se hlwekisa.
TEMOSO-Ho fokotsa kotsi ya ho tjha, mollo, ho otlwa ke motlakase, kapa temalo bathong:
1. O se dumelle hore sesebediswa sena se sebediswa jwaloka sebapadiswa. Fadimeha haholo nakong eo sesebediswa sena se sebediswang haufi
le bana.
2. Sebedisa sesebediswa sena feela bakeng sa morero wa sona jwaloka ha o hlalositswe bukaneng ena. Sebedisa feela dikgomarelo tse
kgothaletswang ke moetsi wa sesebediswa sena jwaloka ha ho ngotswe bukaneng ena.
3. Le ka mohla o se sebedise sesebediswa sena haeba kgwele ya sona e senyehile kapa polaka ya motlakase e senyehile, kapa e kene metsing.
Kgutlisetsa sesebediswa ho morekisi kapa setsi sa ditshebeletso se haufi bakeng sa tlhahlobo, tokiso ya dikarolo tsa motlakase kapa tsa motjhini.
4. Le ka mohla o se sebedise sesebediswa sena ha masobana afe kapa afe a moya a thibane. Boloka masobana a moya a motjhini wa ho roka a
hammoho le taolo ya motjhini ya leoto a sa bokella lint, lerole, le lesela le leketlang.
5. Le ka mohla o se kenye letho hara lesoba la motjhini.
6. O se sebedise sesebediswa sena o le ka ntle.
7. O se sebedise sesebediswa sena moo ho sebediswang dinyanyatsi (aerosol) kapa moo ho sebediswang oksejene.
8. Ho emisa motjhini, sotha dintho tsohle tse laolang motjhini ho fihla boemong ba tima ("O"), mme e be o tlosa sesebediswa polakeng ya motlakase.
9. O se time sesebediswa ka ho hula feela kgwele polakeng. Ho tlosa motjhini polakeng, tshwara polaka, e seng ho hula kgwele.
10. Sesebediswa sena ha se a rerelwa hore se sebediswe ke batho (ho kenyeletswa le bana) ba nang le dikgolofalo mmeleng, methapong ya kutlo
kapa kelellong, kapa ba se nang tsebo ya sesebediswa, ntle le haeba batho bana ba behilwe leihlo kapa ba fuwe ditaelo mabapi le tshebediso ya
sesebediswa sena ke motho ya ikarabellang bakeng sa polokeho ya bona. Bana ba tshwanetse ho bewa leihlo ho etsa bonnete ba hore ha ba
bapale ka sesebediswa sena.
Kotsi
1. Ka dinako tsohle o tlose kgwele ya motlakase polakeng pele o kenya bulb e nngwe. Kenya bulb ya mofuta o tshwanang ya 15 watts sebakeng sa
e sa sebetseng.
2. O se tshware sesebediswa se wetseng hara metsi. Hang hang tlosa kgwele e leng polakeng.
3. O se behe kapa ho boloka sesebediswa sena moo se ka wang kapa ho wela sinking ya metsi. O se behe kapa ho rothetsa metsi kapa mokedikedi
o mong sesebedisweng sena.
SESOTHO